Molao wa 1998 wa Ntshetsopele ya Bokgoni, le Molao wa Tekatekano ya Mesebetsi.
Palamente boikarabelong ba yona ba tekolo ya tswelopele, e etsa bonnete ba hore ho kenngwa tshebetsong melawana e lokelang hoba melao e leng e kenyelletsang le e lebisitsweng ho batjha ba naha.
Ho etsa hore Palamente e .hlellehe ha bobebe, ho na le lenane le bitswang ka hore ke "Ho kopana le Ditho tsa Palamente" moo batho ba batjha ba ka kopanang le setho se itseng sa Palamente ka ditaba tse hlokolotsi ho bona. Ba ka boela ba hlahisa maikutlo a bona ka ho bua kapa ho ngola ditlhahiso.
Batjha ba boela ba etsa karolo ya setjhaba se etelang Dikopano tsa Dikomiti, e leng moo boholo ba mosebetsi wa Palamente bo etsahalang teng, ba ka boela ba eta ha Palaemente e dutse ho nka malebela ka ho sheba, ho eketsa tsebo le ho imatlafatsa.
Palamente e na le mehopolo e mengata eo sepheo sa yona e leng ho shebana le dikarolo tse fapafapaneng, mohlala, Palamente ya Batjha ( e tshwarwang ka Kgwedi ya Batjha) moo ho buuwang ka ditaba tse hlokolotsi tsa batjha le moo seabo e leng feela sa batho ba batjha, mme le tsamaiso e lebisitswe ho bona.
Molaotheo o tlama Palamente ho kenyelletsa setjhaba mesebetsing le diketsahalong tsa bona, kahoo batjha jwaloka karolo ya setjhaba ba menngwa kgafetsa ho nka karolo mehopolong ya Palamente, e jwaloka Dikopano tsa Mmuso le Setjhaba, Puo ya Pulo ya Palamente le mananeo a mang a ho .hlella setjhaba le ho ba le seabo ha setjhaba.
Pamphitshana ena e fumaneha ka dipuo tsohle tse molaong tsa Aforika Borwa.
